Breed Winners
√Writer 📖
√ Creative 🇱🇸🇱🇸
√The Story Teller🇱🇸🇱🇸
~Always SadStories✍️📖
√Ntoa bathong, keng ka thata🥺🥰
•
Litaba ha li le joalo, Tshabo a khutlela ho barali ba hae, a ba bolella h**e 'ma bona ore ha a tsebe mo Mpati a leng teng. Thandi a bolella ntatae h**e 'Masofia o tseba moo Mpati a leng teng.
“Ho latela tsela eo ngoaneo oa batho a neng a tshoeroe ka eona, ha ho bobebe h**e a le joetse moo a teng.” Ho rialo Thandi.
Mpati ena o na sena mathata a letho, o n iphelela ka khotso le nkhono le setloholo sa hae Sebata. Ha nako e ntse eea, Sebata leena a bonahala a na le thahasello ho Mpati. O na bonahala a na le letswalo ho ena, a tshaba ho mo joetsa.
Ke moo a ileng a atamela Nkhono, a mo joetsa litaba tsa hae.
“Ngoana ngoan'aka, ke nnete Mpati lenna kea mo rata, ebile ho latela lerato, tlhompho le boikokobetso tseo a nang le tsona, nka thaba ha kakang ha a ka tla phela lenna hofihlela kea lebitleng. Bothata ke h**e hake u tshepe ngoanaka, hake bone h**e o tla hlokomela palesa ena, hake bone h**e o tla e boulela pelo ena entle ena, ka hona, ke tlo hloloa ho buoa leena.” Ho rialo Nkhono.
Sebata ha a ntse a buoa le Nkhono, e ne ele nako eo Mpati a reng o kena monyako, a utloela h**e mona ekare ho ntso buuoa ka ena. A ba sa ema hona moo, a mamela, ha a utloa h**e ekare ba qetile, a tloha a ema thokoana mane.
Sebata a tswa ka tlung, a lumelisa Mpati joalo ka haeka ha oa etsahala letho, a leka ho feta.
“He batho, ha utlo nfeta mona, ke emetse oena mona.” Ho rialo Mpati, mona Sebata a batla a tshoha, a fufuleloa hanyane, empa a ema.
“U no buoa khaitseli ea motho.” Ke ena eo, a araba ka tsela eo ba nemg ba tloaetse ho buisana ka eona.
“Wena u holile, u litedu, empa haona le litaba haotle ho mongatsona, u ntso pota-pota.” Mpati a botsa.
Sebata ha a botswa na o ntsa pota-pota, a nahana litaba lilokile, athe Mpati o na mpa a batla a phuthulohe feela.
“Joale e le h**e..?” Sebata a botsa.
“Joale keng, buoa litaba tsa hao, akere o no li joetsa Nkhono, qala qalong o njoetse lenna.”
•
Ka le lengha Sofia a le ngakeng, ka litaba tsa bokulo bo neng bo mo isitse teng, hoa etsahala h**e a kopane le ngaka e neng e nkile boikarabello ho ena. A buoa leena, ke mo a ileng a mo botsa ka motho eloa eo ho itsoeng keena a kentseng letsoho pholohong ea hae.
Ngaka eo ene e se mosotho, empa o na tseba Sesotho ena. Tsela eo a ileng a hlalosa mopholosi eo, Sofia a ukoa h**e mona ho buoa ka Mpati. Ha a fihla hae a hlalosetsa ntatae le ausi oa hae.
“U tiea o hlapanya ke Mpati monga ketso tsee?” A botsa.
“Kannete ntate.” Sofia a araba.
“Joale o kae Mpati?” Ho botsa ausi oa Mpati, Thandi.
“Ke ile ka mo leleka, ehlile ke ne ke sa thabele boteng ba hae mona.” Ho rialo Tshabo.
“Empa ena o na lokile, le mohla ntate a na tshoere ke sefuba se sa foleng, kannete keena a ileng a mpha moriana, oa mo thusa a fola.” Ke Sofia eo.
“Hao ngoanaka, eaba ha u njoetse keng?” Ho botsa Tshabo.
“Feela ngoaneo oa motho o na le entseng?” Thandi a botsa ka bohale.
“Ska re tonela mahlo, hopole oena o no mo otle ka mpama.”
Thandi a bothela, eaba lerata lea thola. Sofia a re 'mae o tlameha a tseba moo Mpati a leng teng, a re ntatae a mo botse, ba tsebe hoea. Tshabo a kopana le mosali, a buoa leena.
“Nna o re Mpati ke tlo mo nka kae, akere ke lona ba mo tebetseng, ke ile ka etswa taba ea hae nna, ke ile ka ba le mohau ha u se u mo tshoarisa joale.” 'Masofia o na ipotsa seo monna a se batlang ho Mpati. Mpati le ngoana hae ba ne ba bonahala ba khotsofetse, o na sa batle motho a ntsa ba tsunya-tsunya.
•
Khabareng tsa tswa lichelete tsa monna oa 'Mathabiso. Ngoetsi ena ea hae ea ba qhekella hofihlela likarete tsohle li lula ho ena. A rera ho ba ela ngakeng, qetellong a bona h**e ngaka e tla lieha, a ba tshella chefo ka bobeli, ha a qeta a tswa monyako.
Ba sala ba longoa ke mala, ka lehlohonolo moaisane oa bona a tla a re o tlo ba bona, a makala ha a thola batho ntse ba hlatsa, a bula liraka, a ba noesa mafura le mabese. Padiso o na tsamaile ka koloi ea Thabiso, moaisane enoa a ba lokela ho nka ea hae ho ba isa ngakeng.
Ba ile ba pholosoa empa Thabiso a bolelloa h**e hahona mohla a tla ba le bana. Haele 'Mathabiso kaha o na sa batla a holile, taba ena ea mo tsosetsa bokulo bo b**gata. A le sieo Padiso, a ile ka koloi le chelete.
Hae koana Mpati ena o na itshebeletsa, a boloka chelete. Nako ea h**e Mpho a e sekolong ea fihla, a atleha ho ikisetsa ngoana hae sekolong. Moshemane enoa o na le botoutu, letsatsi la bobeli a le sekolong o sa loanne le emong ba ntshana likotsi ba ba ba isoa ngakeng.
Mpho ha a le ngakeng a teana le 'Mathabiso leena a iketse ngakeng, moshanyana ha a hole o ile a tshoana le Thabiso. Mpati tshoano ena ene mo tena hobane ha a mo bona o na hopola Thabiso le bokhopo boo a mo etselitseng bona.
“Ngoanaka hojoang?” 'Mathabiso a mo thabela.
“Ho monate Nkhono.” Mpho a araba.
“Ntate oa hao ke ntate mang?” 'Mathabiso a botsa. Mpho o na ila hlokomela h**e batho ha botsa 'mae na ntatae ke mang, o na koata, leena a furalla 'Mathabiso. 'Mathabiso ha a fihla hae a joetsa mora h**e o bone ngoana a tshoanang leena.
“Hao nahana hase oa Mpati?”
“Hoka etsahala.” Thabiso a araba.
“Joale ha u lo mo batla retlo kopa tshoarelo, mohlomong a ka khutla retlo lula leena. Oa tseba Mpati ke motho ea lokileng joang, re mpile ra mo hlokela toka feela." Ho rialo 'Mathabiso a sekisitse meokho.
•
'Masofia a utloa a belaela, a chakela ha habo koana a ilo bona Mpati, ke mo a ileng a mo botsa ka litaba tsena. Ache Mpati a li hana, a re kannete hase ena. 'Masofia a botsa Nkhono, eleng 'm'e oa hae, eo a mo joetsa nnete, a mo bolella h**e ke eo Mpati a etselitseng Sofia moriana haetlaba o folile. Kaha Mpati o tena a tloha ha 'Masofia ka lebaka la Sofia, a khetha ho itholela, a re ha a tlo mo joetsa leena.
Koana ha 'Mathabiso ho setse ho etsahala litaba tse makatsanang. Thabiso a nyala ngoananyana Padiso, ka tshusumetso ea 'mae. Padiso o na tseba h**e li chelete ysa ntata Thabiso li tlo tswa haufinyane, ka hona o na ichebetse tsona feela.
Nakoana a lula le bona moo, 'Mathabiso a qala ho bona 'mala ea hae. O na tloaetse ha a kula, ebe Mpati oa mo hlokomela, a mo etsetsa le meriana ea setso. Joale enoa o na ka fihla a itaoetse, a mo joetse h**e mokuli oa ikoka.
“Haele ntho tseo le li nyalang bo Thabiso, win!” A opa liatla.
“Ke khothaletso ea hau, nna ne se ke ichebetse Mpati.”
“U hlotswe ke ho mo hlokomela, le mo a robetseng ngoaneno oa batho, o pelo entle bo tshabehang.”
Padiso a bona h**e 'Mathabiso ha a sa mo rata, a rera ho mo timetsa. A mo tshella lijong, empa 'Mathabiso a potlakisetswa sepetlele.
“ 'M'e o tsheletsoe chefo, ene ke oena motho a mo fileng lijo o no batla ho bolaea 'm'e.” Thabiso a tonela Pasiso mahlo.
“Hore ebe Mpati ha a sa phela, ke ka baka la hao, u ska ipona bobetere ka 'mao eo.”
Ba ne ntse ba nahana Mpati o shoele, athe o ntsa batla moea o mobe, moea oa boiphetetso.
•
Mpati ha a ka a tseba ka bokulo ba Sofia hohang, empa a makala haholo ke toro eo a ileng a e lora bosiu bo b**g. O na lora a bona 'mae a kula haholo, a ntsare a mo pholose. Bosiu bo hlahlamang boo a lora a bona 'mae ka seqo a ile ho ena. O ile a mo joentsha litlama-tlama tse ling, a re a li kopanye, a ee sepetlele seo a ileng a mo joetsa ka sona, a re a ilo fa moriana oo mokuli eo a ileng a bolela phaposi eo a leng ka ho eona ha a qeta a nyamela.
Mpati a phaphama, a bona h**e ke toro nthoena, a khumama fatshe, a rapela, a kopa Molimo le balimo h**e ba mo bontshe tsela. Hoseng Nkhono a bona h**e motho enoa ha a na khotso, a mo botsa, Mpati a hlalosa litaba kaofela.
Nkhono a re a ilo cheka moriana oo, ba tsamaee bae moo a bontsh*tsweng teng. Ha ba fihla ba fana ka moriana ho ngaka engoe, ea o hlahlabo, a khutla le sephetho a ba joetsa h**e moriana haona bokotsi, ba ea leena ho mokuli enoa. Ha ba hlaha monyako ba makala ha ba fumana ele Sofia.
Mpati ha a mo bona a ba sekisa meokho hanyane. Sofia o na ntsa shebile ka nako eo, empa kaha mahlo a ne a se a le lerotho, ha aka a bona na ke bo mang ba ntseng ba buoa pela hae.
Mpati a noesa Sofia moriana, ha ba qeta ba ema nakoana. Ngaka ea mo hlahloba, a makala haholo ha a utloa h**e boemo ntse bo khutla, a leboha batho ba babeli bana.
“Ba habo ba ka rata ho le leboha.” Ho rialo Ngaka.
“Che, se tshoenyehe rea ba tseba.” Ho rialo Mpati.
Tshabo le morali oa hae a moholo ha ba fihla ba thola Sofia a se a bile a eme ka maoto, le 'Masofia o ne a se a le teng. Ba thaba ba leboha ntate ngaka.
“Ho buoa nnete nna ne se ke mo balla matsatsi a mabeli feela a ntsa phela, empa maobane ho fihlile basali ba babeli ba tlisitse morina oa setso. Re ile ra o hlahloba, ra thola o se kotsi, ra mo fa kannete a bontsha bophelo. Eka enoa emong o na mo bontsh*tswe litorong, empa ba itse ba le tseba batla le atamela.” Ngaka ea ba siea ka mantswe ao, ba sala ba maketse, haele Sofia a utloa a hloka ho bona mopholosi enoa oa hae.
•
Mpati ha a fihla hae, a Pepa ngoana a nka thoto a tswa ka keiti. Kaha khetlong lena o na khola, esale a boloka chelete hotloha ha a qala ho sebetsa, o ne a se a ena le chelete e ngata ho ena.
Ha a qeta ho tswa ka heke, a thola Thomo a mo emetse ka pejana la koloi, ena o na laelitswe ke 'mae h**e a ba nke, a ba ise moo a ba batletseng bolulo teng. Tseleng mona Thomo o lekile ho mo beha hantle, a bona h**e ausi mona o sa amohetse.
Mona moo a batletsweng bolulo teng e nele ha emong oa ba habo 'Masofia, Thomo o mo siile moo ka tshepiso ea h**e o tla nne a tle a tlo mo bona. Mona teng ho no lula Nkhono ea seng a holile haholo le setloholo sa hae Sebata, ea neng a batla a le lilemong tsa Thomo.
Mpati a lula moo matsatsi a mabeli feela, a utloa Nkhono mono a se a batla ho hira motho ea sebetsang ka tlung, Mpati a o kopa mosebetsi oo.
“Hao, joale 'Masofia o tla reng ha a thola se ntse reo sebelisa, u tseba ho latela lerato leo a nang le lona, re ka se u tshoare hampe hobane rea tseba o utlisitse mona hobane ao rata.” Ho rialo Nkhono.
“Le ha hae ke ne ntse ke sebetsa kannete, ke ile ka hana ha hira motho, ka re ke tla o sebetsa, ele h**e hahona phoso.” Mpati a araba.
Nkhono enoa a utloa a sa kholoe Mpati, lebaka ke hobane o ile a elelloa h**e ke motho a pelo entle, a bonolo, a nahana h**e Mpati o mpa a qetoa ke lihlong ha lula feela. A botsa 'Masofia, eo a re hahona bothata haeba keena a batlang ho sebetsa. Mpati a qalella ho sebetsa hona moo, mafelo a khoeli ba ntse ba mofa bohashana.
Ka mora nakoana Sofia hae koana a kula, le hona hoa apoloa hoa apesoa, a ba a tshoaroa sepetlele. 'Masofia o na le sieo hae, le barali ba hae ba khutletse mesebetsing ea bona mmoho le Thomo. Sofia o na setse le ntatae Tshabo feela.
Ha a qeta ho tshoaroa sepetlele, ausi oa hae a moholo a ea hae hotla thusa ntatae ho hlokomela mokuli, ba ne ba lokela hoea sepetlele kamehla ba ilo mo hlapisa. O na hlile a ea hampe haholo ausi Eno a pelo empe.
•
Ka nako ea keresemese, bohle ba ntlo ba phutheha, ba tlo keteka le batswali ba bona.E ne ele banana ba babeli, le moshanyana. Banana bana bobeli ba bona bone bo sena taba le Mpati le Mpho, batho ba neng ba ntse ba sotla Mpati ene e ntse ele Sofia le Tshabo.
Mora enoa oa Tshaba ene ele Thomo, a hlahlama ngoanana emong. Thomo o na atisa ho lula a ena le Mpati ka linako tsohle, a mo qenehela, a sa rate tsela eo ntatae a mo tshoarang ka eona. Sofia ha a bona taba ena, a fetela ho ausi oa hae a moholo, a mo joetsa ha abutiae a ratana le Mpati ebile ba ntse ba rera tsa lenyalo.
Ausi enoa a lata Mpati, ha a fihla ho ena, a mo hoahlatsa ka mpama.
“Hei oena letekatsana tooe, keng ngoaneng oeso, haeba u tlisitse meleko moo, u tla tswa ka seo tlisitseng.” Mpati a sala a maketse na joale u bitswa letekatsi ka mabaka afe. A fetela ho Thomo, a ntsa halefile joalo.
“Oena ke utloa hothoe u so ntso matha ka mora libono tsa enoa a sebetsang mona, e hle eme hona moo.”
“Nna ka matha ka mora libono, hantle lona hale batle ho bona motho a utloana le motho feela, hona haeba ene ele nnete oena u kena kae, elore u tlo nkhethela na ke nyale mang?” Thomo a mo tonela mahlo, a mo siea moo khalefo e tuka malakabe.
Ka lona letsatsi leo, ngoana a kula hona hoo, a potlakisetswa sepetlele, ha a fihla teng a hloka ho fuoa mali, leteng ke 'mae a mo tswalang. Mpati o ne keke a tlohela ngoana a shwe, a kena hoea fa ngoana mali.
“Ho itswe 'm'e oa ngoana, joale eo u ea kae, ele h**e keena 'm'e oa ngoana?” Ho botsa Tshabo. 'Masofia a kena a hare, a thola bophelo ba lesea bo pholositswe, a ba tseba h**e Mpati ke 'm'e oa ngoana. A rera ho patela monna, empa a li tseba, joale a fumana monyetla. A rera ho mo tshoarisa, 'Masofia a mo kopela mohau, a re Tshabo a ka mpa a mo leleka eseng a mo tshoarise.
Thapelo ea mantsibuea
hare leboheng bophelo le mohau ntate reea leboha morena reea leboha in ka tshireletso eahao reea leboha resatla robala reboela rekopa tshireletso le mohau ntate eba lerona khahlanong le manyoloi a lefifi repate mahlong aba bolotsana mahlong a bahlorisi barona timeletsa menahano ea bababe balutseng maqujoana h**eroa hloho tsa babang ntate keoena Tshepo earona reutloe reea rapela ka lebitso la morena Jeso Amen 🙏🙏 Jeso ke morena 🙏
•
Mpati o na itjoetsitse h**e mathata ohle a tlo teana le ona o tla a mamella, seo a neng a se hloka ke h**e lesea leo la hae le phele, le hole joalo ka masea a mang. O na fuoe lebitso la Mpho, ba re ke Mpho e tswang ho Molimo.
Lelapa leo la Ntate Tshabo le 'Masofia le ne le phela ka khotso kannete. Empa haele Sofia le ntatae Tshabo ba ne ba bonahala ba sa amohela Mpati hohang. Le lona lesea leo ba ne ba sa le batle, ke 'Masofia a ileng a ba qobella h**e ba le nke.
Mpati o lutse moo nako e telele a holise Mpho, eka sita le hona ho hloekisa ntlo. Bana ba moo ba ne ba batla ba le bangata empa ba ne ba fihla ka nako ea phomolo kaha ba ne ba sebetsa.
“Ache 'm'e nna ke utloa ke belaela kannete, o thola ngoana a beuoe keiting, ka mora nakoana ho fihla motsoetse ea reng o shoeletswe ke ngoana o batla mosebetsi. Nthoe makatsang ke h**e ngoana enoa o tshoana leena.” Ho rialo Sofia.
“Mono oa bolela ngoanaka, mona re nyantshoa phoko feela, enoa hona le nthoe a e patileng, le tsela eo a ratang ngoanenoa ka eona ea makatsa.” Ntate Tshabo a tlasa morali.
“Lona le se ntse le sa rata bana bana ba ka, khaohanang le bona.” Ho araba 'Masofia.
Lapeng moo Sofia o na phelisa Mpati ba linonyana. Mpati o na qeta letsheare lohle a eme ka maoto a sebetsa, ere a qeta ho hlatswa, a li aneha, ha li oma Sofia a li khutlise, a mo joetse h**e liaparo tseo tsa hae li ntse li le litshila, ka hona o tla lokela ho li pheta.
Mpati a khutlele ho tsona, a li hlatswe bocha, ha a qeta a phehele khosatsana ena. Ha a lokela ho li ja, a mo tshele ka tsona mahlong mona.
“Ele h**e hau batle ho pheha, kapa u utloa ke u Tena?” A buoa a halefile.
“Ke tlo u tebela haka mona haeba u tlo tenehela ngoanenoa oaka.” Tshabo a li kena. Ha Tshabo a qeta ho tswa monyako, Sofia a atamela Mpati.
“Hafela ntse kele teng ka hara ntlo ee, khotso eona hase ntho eo u tlo ethola.” Ho rialo Sofia
•
Mpati o tlohile moo ka shoalane, a ilo robala moo a tloaetseng ho robala teng. Hoseng a tsoha eaba o ntsa tsamaella haufi le lapeng le la leo a siileng ngoana ho lona. O qetile nthoe isang bekeng a ntse a ea a hlaela a khutla.
Ka le leng, a theohela nokeng, a hlapa hantle a ba makhethe, a khetha liphahlo tse batlang li shebahala, a ea moo. O fihlile a ikhautse, a re o batla mosebetsi. Ha a ntse a buoa le beng ba ntlo, a utloa seboko sa lesea katlung, a cho h**e enoa le ngoana oa hae, likhapha tsa theoha.
“Na u tla khona ho sebetsa ngoanaka, u shebahala u khathetse mmeleng mona.”
“Kannete ntate ke tla sebetsa, kea tshepisa.” Ho rialo Mpati.
“Ache ngoanaka, empa u bonahala u kula, kannete hake bone eka re tla be re etsa ntho e ntle hare u hira lapeng mona.” Ke 'm'e oa lapeng moo.
“Hake kule 'm'e oaka, empa ke qeta ho hlokahalloa le ngoana feela.” Ho rialo Mpati.
Beng ba ntlo ba kena ka tlung hoea itsheba, 'm'e enoa a re o bona hole molemo ba nke Mpati, a tlo anyesa lesea lena leo ba le thotseng. 'M'e enoa a bitsetsa Mpati lekunutung, a mo fa taba. Mpati eaka oa inahana pele, a lieha ho araba. O na leka ho pata mohoasa, a re ba se makale na o lumela kapele keng.
“Che haeba u utloa keu hata litorong, haho bothata hle, re ka se u qobelle.” Ho rialo 'm'e enoa.
“Ke utloa eka ke tla khona, hahona bothata 'm'e oaka.” Mpati a araba. Ka mora moo a laeloa ho kena katlung, a amoheloa ka mofuthu o tshabehang, a fuoa kamore eo a tla holisetsa ngoana teng. Eaba ngoana oa Mpati o khutletse matsohong a hae hape.
🙏❤️Thapelo ea hoseng hona🙏❤️
“Ntate Molimo 🙏
Kopa o tlose lefifi ⚫ le patileng katleho ea motho ❤️ a balang mona 🥺
Tlatsa pelo ea hae ka khotso 🕊️, tšepo 🌅, le leseli la hau ✨
O seke oa mo tlohela a le mong 🙌
Ka lebitso la Jesu, Amen 🙏🏽💛”_
Click here to claim your Sponsored Listing.
Category
Website
Address
Maseru