Ntate Leteba
Ntate Leteba ke mohlankana oa mane Mohale's hoek, Phamong, Ketane. Ha joale u se a lokollotse buka ea hae ea pele e bitsoang ka h**e ke Fulalihlahla.
Le hoja a ntse a tsoela pele ka lithuto tsa bo Rakhoebo, pelo ea hae e hapiloe ke lefats'e la bongoli.
15/09/2026
Na ebe bana ba mehleng ea joale ba ea le tseba letsatsi la list'oene banna? Kapa ese e le mehoalo-hoalo feela esa tsebe le ha lephahama le leba masaela libata😏😏.
15/09/2026
That's how you maintain your focus when looking at your future!
Ntate Leteba 📸
This time next year, we will be millionaires.
15/09/2026
Letsatsi ke la li choice, CHOOSE DAY e fihla batho re le maphathe-phathe, maoto re a oka litlhabela, empa le ha ho le joalo hlathe e ntse e lelekisa tsebe mocha-o-chele lifahlehong ho rona etsoe re khethile khotso.
Malume!
Ntate Leteba 📸
14/09/2026
Whatever it is that you're doing, BE CONSISTENT.
Cre8Learn Institute: EMPOWERING LEARNERS THROUGH TECHNOLOGY AND PROFESSIONALISM!
For more info:
W/C 62823080
14/09/2026
Freshly baked scones just for you. Feel the vibe and order yours now.
C/W 62823080
Ke phirima metsirapa ho fofa e lits'iba tsa kerese, mets'ets'ele e ngaloha motseng. Le ile le itebetse mohlorisa ngoetsi lephahama labo banna, likhohlo meriti ea khatla, li inoli li boetse metsing.
Maloting a Lesotho Mohale's hoek.
13/09/2026
Ha meriti e khatla joale marole a shebisa manaka hae lihloepha mamina kamehla eba ha se joale li orohile. U tsebe eba hang-hang lephahama le tla leba mampa-lipoli 'me e re kamorao ho mono ho latele shoalane, meriti ea khitla ebe e sentse e leka-leka litlhorong tsa maralla.
Le ha ho le joalo ha hona motho ea sa tsebeng h**e hang kamora khitla e tla hlaha mphatlalatsane naleli ea meso, 'me kapele mafube a tla fihla a raka lilemela. Tsena tsohle li etsahala joalo ka ho latellana 'me mehla le Matsatsi li ipheta li sa khaotse.
Jka ho cho joalo nkare feela le tsena tse etsahalang ho uena kajeno ke mohuli ke 'muoane, 'me khotso ke e bona etla e leka-leka e u tobile.
Ntate Leteba 👌
Click here to claim your Sponsored Listing.
Category
Website
Address
Maseru