Expressions- Transformational Conversations

Expressions- Transformational Conversations

Share

We engage in transformational conversations in areas like finances, careers, love and spirituality, often engaging experts.

We believe that change starts within. A renewed mind will propel a woman forward. We also aim to reactivate our femininity. ❤️

30/07/2026

Happy Thursday baratuoa 🌸🤍🌸

Uena mosebetsi Oa hau ke ho lora, ho bona litoro tsa hau li se li phethahetse le ho etsa meralo ea ho li fihlela. Ea h**e na joang ke ea Molimo! Tsoha letsatsi le leng le le leng u nke mohato. Le ha u ka bona eka u ntse u sa tsoelepele, tsoha u etse se nepahetseng. Ke Molimo ea tla u fihlisa. Lately, I’ve seen these words manifest. Kannete ha ke tsebe ke fihletse lintho tse ling joang. I just showed up everyday!

What’s your favorite quote in this season? Write it down below to encourage someone.

Ngola mantsoe a u khothatsang li commenteng re khothatsaneng hoseng ho hotle! 🌸🤍🌸

29/07/2026

Good evening baratuoa

Kea ts’epa le bile le letsatsi le monate. Tsatsing Lena re koala khaolo ea ts’oarelo ka ho toboketsa taba ea ho ba le meeli.

Meeli e ts’ireletsa khotso ea hau. Meeli e ts’oana le monyako o notletsoeng. U bula fela ha u batla motho a kene. Meeli ke melao eo u ratang batho na ba u atamele joang.

Ho ts’oarela motho ha ho bolele h**e o mo lumelle a nne a u utluise bohloko, Kapa u mo lumelle a kene a tsoe joalokaha eka o ntsa sa u utluise bohloko, Kapa e be oa itlhalosa.

Itjoetse h**e ha u na ea moo u sa hlomphuoeng. Kapa Oa ts’eha li joke tse u nyelisang.

U ka ts’oarela Empa oa nna Oa ba le meeli. Ho ts’oarela ha ho bolele le ba bakhotsi kapa lea khutlelana .🌸🤍🌸

28/07/2026

Re Khutlela Bosaling 2.7 - Its’oarele! ❤️‍🩹 🫂

Re koala karolo ena ea ts’oarelo bekeng ena re tsebe ho tsoelapele ka li topic tse ling tsa ho khutlela Bosaling (femininity). Kajeno re bua ka ho its’oarela.

Ka nako tse ling ho thata ho its’oarela le hofeta ho ts’oarela batho ba bang. O fumana re ikahlola, re ikoahlaha! U ka se tsoele pele u jarile sekhobo le masoabi.

Its’oarele liphosong tsa hau. Itokolle! Ka nako eno u ne u sa tsebe. Its’oarele ha u ile oa lumella se etsahetseng. Its’oarele ha u entse le hoja batho ba u khalemetse. Its’oarele ka ho mamella nako e telele. Its’oarele ka ho nyahama kapele.

Molimo o se a u ts’oaretse. Le uena its’oarele. Eba mosa ho pelo ea hau. Se etsahetseng ha se tlo fetoha. Se amohele u iteballe. Lla u itokolle. Lerato Leo u le fang batho ba bang, ke nako ea ho ipha lona! Ntate Molimo a ke a u folise! ❤️‍🩹 🫂

Photos from Expressions- Transformational Conversations's post 28/07/2026

FRAME 1:
Selemo ke 2013. Bo mpulukantse bophelo. Ke setse le ngoana ea likhoeli. Ho thataaaa! Ke hopola ke reka maleiri a li towel kea hlatsoa ke utloa h**e li pampers tsona Lia nkimela 🥹 ke ne ke hloile ntate Oa ngoanaka. Ke sesa kahare ho likoloto. Enere ha ho ba thata haholo, ke utloa ekare se tlo qhoma e be ke re: ‘Lebitso La Jesu ke qhobosheane. Ba ts’abelang ho Lona baea bolokeha. Morena ke sets’abelo le poloko eaka!’ 😭 Haeba ha kea hlanya ka 2013, ha ho na ntho e ka ntieang fats’e!

FRAME 2:
Ke 2023. Ngoanaka o kena sekolo private school. Eena ke koloi eaka ea bobeli. Ke ts’oaretse bohle hammoho le Motho ea neng a mphoqe re na le ngoana mmoho. Che! Ha re mmoho! Ke mmeile thoko mane le nna. Empa ke lokolohile! Litlhohonolofatso li nkapere. Kannete lehloohonolo le mohau Lia ntelekisa.

Ke tla le qoqela hantle ka letsatsi le leng litaba tsena, mohlang re shebaneng mahlong. Hona ke bohashana feela! Empa moo u eang, u tlo fihla moratuoa! Khothala! 🫂🥹❤️

27/07/2026

Re Khutlela Bosaling 2.6

Bekeng ena re tlo qetela topic ea TS’OARELO re tsebe ho hatela pele leetong la rona la ho khutlela Bosaling (femininity). Ke kopa u elelloe h**e u ka nna thetseha maikutlo habohloko.

Rea qala: Bongata ba rona bo tsebile lerato, Kamokelo, ho khalengoa ka batsoali pele. Batsoali ba bang ba lekile sohle ho fa bana ba bona bophelo ‘me rea ba leboha. Ba bang ba baketse bana ba bona maqeba, a ntseng a le teng le kajeno. Ho sa tsotelletsehe h**e na leqeba la hau le tlile ka mantsoe a hlabang, ho ba sieo hoa motsoali, ho se u hlokomele u le monyane, lits’episo tse robehileng kapa ho ba teng feela motsoali a se na bond le uena.

Ho ts’oarela motsoali Oa hau ea u utluisitseng bohloko ho bolela ho sia bohloko kapa hona ho koaholla leqeba la pelo ea hau le tle le fole. Ha u sa ts’oarele, u tlo ba motsoali ea fetisitsang bohloko baneng ha hau le bathong ba pel’a hau. Mali a leqeba la hau a tlo rothela batho ba u potileng.

Batsoali ba hau ke batho. Le bona mohlomong ba ile ba utluisoa bohloko. Ha u sa khaole thapo eo ka ts’oarelo, e tla fetela melokong e hlahlamang. Kea utluisisa u utluile bohloko! Phepi ngoaneso! Phepi moratuoa 🥹 Lla u sie moroalo oo! Rea fola re tsebe ho sia khalefo!

27/07/2026

Good morning and Happy new week baratuoa 🌸

Ke kopa ho u hopotsa h**e:
1. Ha u hloke lintho li felle h**e u qale. Qala ka seo u nang le sona.
2. ⁠Lebelo leo u tsamaeang ka lona ho ea litorong tsa hau ka Lona ke la hau. Se ka ipapisa le batho❗️
3. ⁠Ikhopotse ho re ‘No’ ha ntho e sa u sebeletse.
4. ⁠U ka tsoelapele u ntse u khathetse.

Tlala ka matla u etse sesali. Molemong oa bokamoso ba hau. Molemong oa bana ba hau. Kea le rata ❤️

26/07/2026

Tonight Ke lakatsa re ke re ananeleng basali ba emeng le rona. Metsoalle, bana ba bo rona. Motsoalle eo e sa leng a oa a tsoha le uena. Please tag her in the comments u mo joetse oa mo rata! Ka nako e nngoe rea lebala h**e re hlonolofetse hakae ho ba le batho ba re patapotileng, ba re mamelang, ba re phumulang meokho! God knows I love my fiends 🥹🌸🤍❤️

26/07/2026

Happy Sunday baratuoa Baka…

Kajeno ke Sontaha. Ha re phomotseng likelello le maikutlo a rona hanyane.

Ke kopa ho utloa na u ntse u ea joang hle? Pelong ea hau u ikutloa joang kajeno ? Ak’u sebelise lentsoe le le leng feela ho hlalosa na u ikutloa joang hoseng hona. ‘Khotso? Thabo? Boima? Botlaalo? Sithabelo?

Kea qala: Khotso!

E siee ka tlase. Re le Bo mme a re ke re ts’oaraneng ka matsoho. Sia ❤️ Kapa 🫂 ho motho ea sa ikutloeng hantle.
Ke tlo bala li comments tsa Lona kaofela.

25/07/2026

Lumelang baratuoa Baka,

Tsela e nngoe ea ho tsosa bosali (femininity) ba hau ke ho etsa lintho tse nyane tse u natefelang kapa tse khutlisang boits’epo ba hau. Mohlala:
1. Noa metsi pele u etsa eng kapa eng hoseng hona. Metsi a thusa mmele ea rona ho sebetsa hantle 💧
2. ⁠Apara liaparo tse u etsang u ikutloe u le motle. Kapa e ka ba masale Kapa lipstick kapa lipgloss. Ha oa tlameha ho emela mekete feela h**e u be motle. 💄

3. ⁠Bapalla pina eo u e ratang. U bine le eona, u jaife. 🎶

Tsena ke lintho tse nyane feela tse thabisang, tse khutlisang boits’epo ba rona li bile li etsa re ikutloe re le feminine. Ke’ng ntho e nyane e khutlisang confidence ea hau kapa e u thabisang? E bolele li commenteng. 🗣️

Itlhokomele! Etsa lintho tse nyane tse u thabisang 🌸🤍🌸

24/07/2026

Lumelang Bo Mme,

Ke kopa ho arolelana le Lona temana ena ea Bafilipi 4:6- 7. Khotso ea Morena, e fetisisang kutluisiso ea motho, e ke e rene lipelong tsa rona. Ho sa tsotelletsehe liqholotso le liteko tsa kajeno, re busoe ke khotso ena! 🌸🤍🌸

Want your place of worship to be the top-listed Place Of Worship in Maseru?
Click here to claim your Sponsored Listing.

Category

Website

Address


P. O. Box 2354 Pitso Ground
Maseru
102